Top Songs By Amadodana Ase Wesile
Similar Songs
Credits
PERFORMING ARTISTS
Amadodana Ase Wesile
Performer
COMPOSITION & LYRICS
Mongezi Nhose
Songwriter
Thomas Mokhati
Songwriter
Lyrics
Haufi le morena - haufinyana
Le ha sefapano se ka ntlisa
Ke ntse ke phehella
Ho ba haufinyana
Ho ba haufinyana
Le Morena, Le Morena
Mosepedi elwa hola k'ena
Ya samile lejwe - a robala
Bosiu a lora
A le haufinyana
A le haufinyana
Le Morena, Le Morena
Tsela ka e bona e nyolohang
E kenang hodimo moo ho kganyang
Mangeloi a matle
A hwehle, a nkise
A hwehle, a nkise
Ho Morena, Ho Morena
Mohlang ke phaphamang - ke thabile
Ke aha aletare ya Bethele
Se beng se le thatha
Se tla nkatametsa
Se tla nkatametsa
Ho Morena, ho Morena
Mohla ke phahamang hara maru
Ke siyang lefatshe la mahloko
Ke tla nne ke bine
Ke be ke finyelle
Ke be ke finyelle
Ho Morena, ho Morena
Mohla ke phahamang hara maru
Ke siyang lefatshe la mahloko
Ke tla nne ke bine
Ke be ke finyelle
ke be ke finyelle
Ho morena, ho Morena
Lyrics powered by www.musixmatch.com